Mangeloi a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya, mme Lota o ne a dutse kgorong ya Sodoma. Lota, eitse ha a a bona, a ema, a ya a a kgahlanyetsa, mme a inamela fatshe ka sefahleho,
Ruthe 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Boase a ya kgotla, a dula teng. Jwale wa habo Ruthe eo a neng a mmoletse, a tshoha a feta teng. Yaba o mmitsa, a re: Nnyeo, tloo le kwano, o dule mona. Eo a kgelohela, a dula. BIBELE Boase a ya kgorong ya motse, a dula teng. Mong ka yena, eo Boase a ileng a bua ka yena, a fihla. Boase a re ho yena: “He monna, ako fapohele le kwano, o dule mona pela ka.” Eo a tla, a dula fatshe. |
Mangeloi a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya, mme Lota o ne a dutse kgorong ya Sodoma. Lota, eitse ha a a bona, a ema, a ya a a kgahlanyetsa, mme a inamela fatshe ka sefahleho,
Efrone o ne a ahile hara bara be Hethe. Efrone, Mohethe, a araba Abrahama, bara ba Hethe le bohle ba fetang ka kgoro ya motse wa hae ba ntse ba mametse, a re:
Yaba Hamore le Sikeme, mora hae, ba ya kgorong ya motse wa bona, ba bua le batho ba motse wa bona, ba re:
Absalome o ne a tsoha e sa le hosasa, a ye ho ema pela tsela e yang kgorong ya motse; motho e mong le e mong ya neng a eya ho morena ka nyewe ya hae kahlolong, Absalome o ne a mo bitsa, a re: Wena nnyeo, o tswa motseng ofe? Eo ha a re: Mohlanka wa hao o tswa lelokong le itseng la Iseraele,
Morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba ne ba dutse e mong le e mong teroneng ya hae; ba ne ba dutse lekgotleng le kgorong ya Samaria, mme baporofeta bohle ba ne ba ntse ba porofeta pela bona.
ha ekaba letsoho la ka le kile la otla kgutsana, kahobane ke bone ha ke emetswe ke ba dutseng kgorong;
Helang! lona kaofela ba nyorilweng, tloong metsing; le lona bao le se nang tjhelete, tloong, ithekeleng, mme le je. Tloong, le ithekele veine le lebese, le se na tjhelete, le se na ho reka.
Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.
Jo! jo! balehang, lona ba leng naheng ya Leboya, ho bolela Jehova, hobane ke le qhalanyeditse meyeng e mene ya lehodimo, ho bolela Jehova.
Bea baahlodi le dihlooho metseng yohle ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona melokong ya hao, ba tle ba ahlole setjhaba ka kahlolo ya ho loka.
ntsha monna eo, kapa mosadi eo, ya entseng taba eo e mpe, o mo ise dikgorong tsa hao; mme kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, o tle o mo tlepetse ka majwe, a shwe.
ntatae le mmae ba tla mo tshwara, ba mo tlise ho baholo ba motse wa habo, kgorong ya motse wa habo;
Ekare ha motho eo a sa rate ho nka mosadi wa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ho baholo, a re ho bona: Ngwanabo monna wa ka o hana ho tsosetsa ngwanabo lebitso Iseraeleng, o hana ho nketsa se tshwanelang ngwanabo monna wa ka.
Mmolai o tla tshabela motseng o mong wa yona, a eme pela monyako wa motse yona eo, a behele baholo ba motse oo taba ya hae; ba tla mo amohela ho bona motseng, ba mo nee le moo a ka dulang le bona.
Jwale, ke fela ke le wa heno, empa monna e mong o teng eo e leng wa heno ho fetisa nna.
Ebile Naomi o re: Dula, moradi wa ka, o be o tsebe kamoo taba ena e tla etsahala kateng; hobane monna eo a ke ke a lesa taba eo, a sa e phethe kajeno.