Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ebile Boase o bitsa banna ba leshome ba baholo ba motse, a re ho bona: Dulang mona. Mme ba dula.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Boase a bitsa baholo ba leshome ba motse oo, mme a re ho bona: “Dulang mona.” Yaba ba a dula.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 4:2
9 Referencias Cruzadas  

A ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a a tiisa ka tiiso ya hae, a romela mangolo ho baholo le mahosana a motseng wa Nabothe, a ahisaneng le yena.


Ha a le mobe mahlong a monga hae ya mo lebeleditseng, o tla re, a lopollwe; ha a na kamoo a ka rekang ka yena kateng ho ba tjhaba sesele, etswe a mo thetsitse.


Monna wa hae o tsejwa kgorong ya motse, ha a dutse hara banna ba baholo ba setjhaba.


Baholo ba hladile lekgotla, bahlankana ba tlohetse dipina tsa bona.


Ba ferekanya setjhaba le baholo le bangodi; ba ba ba mo wela sehloho, ba mo tshwara, ba mo isa kgotla.


Ekare ha motho eo a sa rate ho nka mosadi wa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ho baholo, a re ho bona: Ngwanabo monna wa ka o hana ho tsosetsa ngwanabo lebitso Iseraeleng, o hana ho nketsa se tshwanelang ngwanabo monna wa ka.


Kajeno, emang kaofela ha lona pela Jehova, Modimo wa lona, le ena le dihlooho tsa meloko ya lona, le baholo ba lona, le bahlahlobi ba lona, le banna bohle ba Iseraele;


Mphutheleng baholo bohle ba meloko ya lona, le bahlahlobi ba lona, mme ke tla ba bolella ditaba tsena, ba tle ba di utlwe; mme ke tla bitsa lehodimo le lefatshe ho ba dipaki ho bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos