Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 4:2 - BIBELE

2 Boase a bitsa baholo ba leshome ba motse oo, mme a re ho bona: “Dulang mona.” Yaba ba a dula.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ebile Boase o bitsa banna ba leshome ba baholo ba motse, a re ho bona: Dulang mona. Mme ba dula.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 4:2
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Jesabele o ngola mangolo lebitsong la Akabe, a ba a a hatisa ka letshwao la hae. Mangolo ana a a romela ho baholo le mahosana a ahileng le Nabote motseng oo wa habo.


Haeba le sa kgahle monga lona, e leng yena ya ikgethetseng lona, o tla dumela hore le lopollwe, empa a ke ke a ba le matla a ho le rekisa ho baditjhaba, hobane o le thetsitse.


Monna hae o hlompheha le kgorong tsa motse, ha a dutse teng le baholo ba naha.


Maqheku ha a sa dula kgorong ya motse, batjha ba kgaoditse ho letsa makodilo.


Ba fuduha setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, ba kgorohela Setefane, ba mo tshwara ba mo isa kgotla.


“Haeba monna eo a sa rate ho kenela mohatsa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ya motse, ho baholo, mme a re: ‘Ngwanabo monna ka o hana ho tsosa lebitso la ngwanabo setjhabeng sa Iseraele; ha a batle ho phetha tshwanelo ya hae ho nna.’


“Kajeno lena, bohle le eme kapele ho Morena Modimo wa lona: mahosana a merabe ya lona, baholo ba setjhaba sa lona, le balaodi ba lona, le banna bohle ba Iseraele,


Mpitsetseng baholo bohle ba merabe ya lona, le baokamedi ba lona, mme ke tla bua mantswe ana moo ba ntseng ba utlwa. Lehodimo le lefatshe e tla ba dipaki tse le tswang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos