Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 4:1 - BIBELE

1 Boase a ya kgorong ya motse, a dula teng. Mong ka yena, eo Boase a ileng a bua ka yena, a fihla. Boase a re ho yena: “He monna, ako fapohele le kwano, o dule mona pela ka.” Eo a tla, a dula fatshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Boase a ya kgotla, a dula teng. Jwale wa habo Ruthe eo a neng a mmoletse, a tshoha a feta teng. Yaba o mmitsa, a re: Nnyeo, tloo le kwano, o dule mona. Eo a kgelohela, a dula.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 4:1
21 Referencias Cruzadas  

Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma ka phirimana, mme Lota o ne a dutse kgorong ya motse wa Sodoma. Yare ha Lota a a bona, a ema, a ya a kgahlanyetsa, a fihla a itihela fatshe ka sefahleho.


Eferone o ne a dutse hara Bahete, mme Eferone wa Mohete a araba Aborahama moo Bahete bohle ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse, ba ntseng ba utlwa, a re:


Yaba Hamore le mora wa hae Shekeme ba fihla kgorong ya motse wa habo bona, ba bua le batho ba motse oo, ba re:


Abosalome o ne a ye a tsohe e sa le hoseng, a yo ema tseleng e yang kgorong ya motse. E ne e ye ere ha motho ya nang le nyewe a eya ho kgosi hore a yo ahlolelwa, ebe Abosalome o a mmitsa, o re ho yena: “O tswa motseng ofe?” Eo a re: “Mohlanka wa hao o tswa ho o mong wa merabe ya Iseraele.”


Kgosi ya Iseraele, le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba ne ba apere diaparo tsa bona tsa bokgosi, ba dutse diteroneng tsa bona, seotlong se kantle ho kgoro ya motse wa Samaria, mme baporofeta bohle ba porofeta ba le kapele ho bona.


“Ha ke ne ke eya kgorong ya motse, ke bea tulo sa ka lebaleng la motse,


haeba nkile ka otla kgutsana ka tsoho la ka, hobane ke tseba hore ka kgotla nke ke ka tsuwa,


Ha ke apara tse mahwashe, eba ke fetoha pale ho bona.


Monna hae o hlompheha le kgorong tsa motse, ha a dutse teng le baholo ba naha.


“Lona bohle ba nyorilweng, tloong le nwe metsi, le lona ba se nang tjhelete, tloong le reke dijo, le je! Tloong le ithekele veine, le ithekele le lebese, le di reke le se na tjhelete, le sa lefe letho.


Ka ngola lengolo la theko, ka le tiisa, ka bitsa le dipaki, yaba ke bea tjhelete sekaleng.


Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.


“Tswang! Tswang! Balehang naheng e ka leboya,” ho rialo Morena, “hobane ke ne ke le qhalanyeditse diqoleng tse nne tsa lefatshe,” ho rialo Morena.


“Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka.


monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe.


ntatae le mmae ba tla mo tshwara, ba mo tlise ho baholo ba motse, kgorong ya motse wa habo.


“Haeba monna eo a sa rate ho kenela mohatsa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ya motse, ho baholo, mme a re: ‘Ngwanabo monna ka o hana ho tsosa lebitso la ngwanabo setjhabeng sa Iseraele; ha a batle ho phetha tshwanelo ya hae ho nna.’


“ ‘Motho eo o tla tshabela ho o mong wa metse eo, a eme monyakong wa motse, a bolelle baholo ba motse ditaba tsa hae. Bona ba tla mo kenya ka motseng, ba mo nee sebaka, hore a phele le bona.


Ke nnete, ke tswalana le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena ka tswalano ho mpheta.


Yaba Naomi o re: “Ako mamelle, ngwanaka, o bone hore na ho tla ba jwang. Boase a ke ke a phomola moyeng ho fihlela taba ena e loka hona kajeno.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos