Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 23:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Efrone o ne a ahile hara bara be Hethe. Efrone, Mohethe, a araba Abrahama, bara ba Hethe le bohle ba fetang ka kgoro ya motse wa hae ba ntse ba mametse, a re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Eferone o ne a dutse hara Bahete, mme Eferone wa Mohete a araba Aborahama moo Bahete bohle ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse, ba ntseng ba utlwa, a re:

Ver Capítulo Copiar




Genese 23:10
11 Referencias Cruzadas  

hore e tla ba leruo la Abrahama pontsheng ya bara ba Hethe le ya bohle ba fetang kgorong ya motse wa hae.


hore a nnee lehaha la Makpela, leo e leng la hae, le leng pheletsong ya tshimo ya hae; a nnee lona pontsheng ya lona, hodima ditjhelete tse lekaneng, mme e be setsha sa ka sa ho epela.


Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.


Yaba Hamore le Sikeme, mora hae, ba ya kgorong ya motse wa bona, ba bua le batho ba motse wa bona, ba re:


Yaba bohle ba tswang ka kgoro ya motse ba mamela Hamore le Sikeme, mora hae; ba batona kaofela ba bolla, e leng bohle ba neng ba tswa kgorong ya motse.


Enere ha ke tswela kgorong ya motse, ke ne ke bea setulo sa ka lebaleng la yona;


e be yena moya wa kahlolo ho ya dutseng ho ahlola, le matla a ba lelekisang dira ho isa dikgorong tsa motse wa tsona.


Jesu a kena sekepaneng, a boela a tshela, mme a tla motseng wa habo.


Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos