Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 23:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 hore a nnee lehaha la Makpela, leo e leng la hae, le leng pheletsong ya tshimo ya hae; a nnee lona pontsheng ya lona, hodima ditjhelete tse lekaneng, mme e be setsha sa ka sa ho epela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 hore a nnee lehaha la Makapela, leo e leng la hae, le sebakeng seo tshimo ya hae e fellang ho sona. A ke a nnee lona moo lona le leng teng, ka theko e lokelang, e be setsha sa ka sa mabitla.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 23:9
10 Referencias Cruzadas  

Efrone o ne a ahile hara bara be Hethe. Efrone, Mohethe, a araba Abrahama, bara ba Hethe le bohle ba fetang ka kgoro ya motse wa hae ba ntse ba mametse, a re:


Ke moditjhaba le mojaki hara lona; nneeng setsha sa mabitla hara lona, e be sa ka, ke tle ke pate mofu wa ka teng, a tloswe pela ka.


a ba bolella, a re: Ha pelo tsa lona di se di dumetse hore ke pate mofu wa ka, ke mo tlose pela ka, mmameleng, mme le nthapelle ho Efrone, mora Tsohare,


Tshimo eo ke eo Abrahama a neng a e rekile ho bara ba Hethe: ya eba moo Abrahama a patwang teng le Sara, mosadi wa hae.


A ba laela, a re ho bona: Nna, ke orohela setjhabeng sa heso, le tle le mpate ho bontate, lehaleng le tshimong ya Efrone, Mohethe;


Bara ba hae ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo pata lehaheng la tshimo ya Makpela, leo Abrahama a neng a le rekile hammoho le tshimo, hore e be setsha sa hae sa mabitla, ho Efrone, Mohete, ka nqa botjhabela ho Mamre.


Yaba Davida o re ho Ornane: Nnee baka sa seotlo sena, hore ke tle ke hahele Jehova aletare teng; nnee sona bakeng sa theko ya sona e phethehileng, hore lefu lena le tloswe hara setjhaba.


Morena Davida a re ho Ornane: Tjhe, ke tla di reka ka theko ya tsona; hobane nke ke ka isetsa Jehova seo e leng sa hao, mme nke ke ka hlahisa setjheso seo ke sa se ntshetsang letho.


Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle.


Le se ke la ba le molato ho motho, haese wa ho ratana; hobane ya ratang ba bang ke yena ya phethileng molao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos