Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 23:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Tjhe, morena, ako mamele: Ke o nea tshimo, le lehaha le ho yona ke o nea lona; ke o nea tsona pontsheng ya bara ba setjhaba se heso: pata mofu wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Tjhe, monghadi, ako mmamele. Ke o nea tshimo eo, ke o nea le lehaha le ho yona; ke a nea lona mo setjhaba sa heso se leng teng. Epela bafu ba hao.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 23:11
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o inama pela baahi ba naha.


hore e tla ba leruo la Abrahama pontsheng ya bara ba Hethe le ya bohle ba fetang kgorong ya motse wa hae.


O re mamele, monghadi: O kgosana ya Modimo hara rona; pata mofu wa hao lebitleng la rona leo o tla le kgetha. Ha ho motho ho rona ya ka o hanelang le lebitla la hae, leo o ka patang mofu wa hao ho lona.


Empa motho ya kgabane o rera tsa bokgabane o phehella tsa bokgabane.


Ha motho a bolaya e mong, bophelo ba mmolai bo tla kgaolwa ka baka la polelo ya dipaki. Paki e le nngwe e ke ke ya lekana hore motho a ahlolelwe lefu.


Yaba o re ho ba leng teng: Mo amoheng ponto eo, le e nee ya nang le diponto tse leshome.


Ya tshwanelwang ke lefu, a bolawe ka melomo ya dipaki tse pedi, kapa tse tharo; empa a se ke a bolawa ka molomo wa paki e le nngwe.


Paki e le nngwe e ke ke ya lekana ho bea motho molato wa bokgopo, kapa wa sebe sefe le sefe, kapa wa tshito efe le efe eo a ka beng a sitilwe ka yona; empa taba e tla tiiswa ke melomo ya paki tse pedi, kapa ke melomo ya dipaki tse tharo.


Boase a ya kgotla, a dula teng. Jwale wa habo Ruthe eo a neng a mmoletse, a tshoha a feta teng. Yaba o mmitsa, a re: Nnyeo, tloo le kwano, o dule mona. Eo a kgelohela, a dula.


Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!


Ke itse, e ka kgona ke o bolelle, ke re: O se reke pontsheng ho ba ahileng motseng ona le pontsheng ho baholo ba setjhaba sa heso. Ha ekaba o rata ho se lopolla, o se lopolle; ha o sa rate ho se lopolla, o ntsebise, ke tle ke tsebe; hobane ha ho e mong ya ka se lopollang haese wena, mme ke nna ya o hlahlamang. Ebile eo o re: Ke rata ho se lopolla.


Boase a re ho baholo le ho setjhaba kaofela: Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e bileng tsa Elimeleke, le tsohle tseo e bileng tsa Kilione le tsa Mahalone;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos