Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 23:11 - BIBELE

11 “Tjhe, monghadi, ako mmamele. Ke o nea tshimo eo, ke o nea le lehaha le ho yona; ke a nea lona mo setjhaba sa heso se leng teng. Epela bafu ba hao.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Tjhe, morena, ako mamele: Ke o nea tshimo, le lehaha le ho yona ke o nea lona; ke o nea tsona pontsheng ya bara ba setjhaba se heso: pata mofu wa hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 23:11
15 Referencias Cruzadas  

Aborahama a isa hlompho ho beng ba naha,


Aborahama hore e be leruo la hae. Hona ha etswa moo Behete bohle, ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse wa Hete, ba ntseng ba bona.


“Ako re mamele, monghadi. O kgosana e matla hara rona; epela mofu wa hao lebitleng le letleletle hara mabitla a rona. Ha ho le ya mong wa rona ya tla o hanela ka lebitla, ho epela mofu wa hao.”


Empa ya kgabane o rera merero e kgabane, bokgabeneng ba hae a ke ke a sisinngwa.


“ ‘Ha e mong a ka bolaya motho, mmolai eo o tla bolawa ho ya ka bopaki ba dipaki, empa bopaki ba paki e le nngwe bo ke ke ba etsa hore motho a ahlolelwe lefu.’ ”


“A nto re ho ba emeng haufi: ‘Mo amoheng mina eo, le e nee ya nang le dimina tse leshome!’


Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa.


“Paki e le nngwe e ke ke ya hlahisa bopaki bo qosang motho malebana le bokgopo bofe kapa bofe, kapa malebana le sebe sefe kapa sefe seo a se etsang. Qoso e tla ahlolwa ho ya ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo.


Boase a ya kgorong ya motse, a dula teng. Mong ka yena, eo Boase a ileng a bua ka yena, a fihla. Boase a re ho yena: “He monna, ako fapohele le kwano, o dule mona pela ka.” Eo a tla, a dula fatshe.


Batho bohle ba neng ba le kgorong ya motse, ba re: “Re dipaki!” Baholo ba re: “Morena a ke a etse hore mosadi enwa ya tla kena ka tlung ya hao, a ke a be jwaloka Ragele le Lea, ba neng ba tswalle Iseraele bana. O ke o atlehe Eferata, mme o tume Betlelehema.


Ke fumane ho le molemo hore ke o bolelle taba ena, ke re: ‘Reka naha eo moo setjhaba sa heso le baholo ba sona ba leng teng. Haeba o e lopolla, e lopolle; le teng ha o sa e lopolle, mpolelle, e le hore ke tsebe, hobane ha ho e mong ya ka e lopollang haese wena, kapa nna, hobane ke a o hlahlama.’ ” Monna eo a re: “Ke tla e lopolla.”


Boase a re ho baholo le ho setjhaba sohle: “Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e neng e le tsa Elimeleke, le tsa Kilejone, le tsa Mahelone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos