La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 5:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

moprista o tla emisa mosadi pela Jehova; o tla kwaholla hlooho ya mosadi, a bee diatleng tsa hae nyehelo ya kgopotso, e leng nyehelo ya poulelo; mme moprista o tla nka ka letsohong la hae metsi a babang a tlisang thohako.

Ver Capítulo

BIBELE

Moprista o tla emisa mosadi eo kapele ho Morena, a hlantholle moriri wa mosadi eo, a mo nkise nyehelo ya phofo ya kgopotso, ya lefufa, moprista yena a ntse a nkile metsi a letswai, a tlisang thohako.

Ver Capítulo



Numere 5:18
18 Referencias Cruzadas  

Empa bofello ba taba tsa hae bo baba jwaloka lengana, bo hlaba jwaloka lerumo le mahale a mabedi.


Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.


Bona, mahlomola a ka a mphetohetse poloko, o ithatetse ho ntsha moya wa ka lebitleng la ho fela; hobane o lahletse dibe tsa ka kaofela kamora hao.


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Jwale, motho ya jewang ke lepera, e ka kgona diaparo tsa hae di haholwe, hlooho ya hae e beolwe, a itshirele ditedu, a howe: Sesila! sesila!


monna eo o tla tlisa mosadi wa hae ho moprista, a tlise le nyehelo ya hae ya boshome ba efa ya phofo ya harese. A ke ke a tshela ole ho yona, a ke ke a bea dibano teng, hobane ke nyehelo ya poulelo, nyehelo ya kgopotso, e hopotsang bokgopo.


Moprista o tla nka metsi a kgethehileng ka pitseng ya letsopa; moprista o tla ola lerole fatshe tabernakeleng, a le tshele metsing ao;


Moprista o tla hlapantsha mosadi, a re ho yena: Ha ho se monna ya robetseng le wena, ha wena o leng matleng a monna o sa ka wa mo furalla o tle o itshenye, o ke o phonyohe metsing ana a babang, a tlisang thohako.


metsi ana a tlisang thohako a kene maleng a hao, a kokomose mpa ya hao, mme a omeletse letheka la hao. Mme mosadi o tla re: Amen! amen!


Athe mosadi ha a hodisa moriri wa hae, ke kganya ho yena; hobane o filwe moriri, e tle e be lesira.


Hobane ekare ha mosadi a sa rwale hloohong, a hle a kutwe; mme jwale, haele ntho e dihlong ha mosadi a ka kutwa, kapa a beolwa, a rwale hloohong ke hona.


Iponeleng ke hona hore kajeno ho se be monna hara lona, kapa mosadi, kapa ntlo, kapa leloko leo pelo tsa lona di ka fapohang Jehova, Modimo wa rona, ho ya sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, mme ho se ke ha eba ho lona motso o hlahisang bore le lengana.


Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.


Yaba Samuele o re: Ntlisetseng Agage, morena wa Baamaleke. Agage a tla ho yena a thabile, mme Agage a re: Ruri, ho baba ha lefu ho fetile.