Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 7:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Mosadi ya tshwasang ka maqiti a hae, eo pelo ya hae e tshwanang le sefi, matsoho a hae a kang mahlaahlela, ka fumana a tshabeha ho feta le lefu. Ya kgahlisang Modimo o tla phonyoha atleng tsa hae, athe moetsadibe yena o tla tshwaswa.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 7:26
15 Referencias Cruzadas  

Yaba ba boela ba nosa ntata bona veine ka bosiu boo, mme e monyenyane a tsoha, a ya robala le yena; mme ha a ka a tseba, ha a robala, leha a tsoha.


ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?


Bahlanka ba Faro ba re ho yena: Monna eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neneng? Lokolla batho bao, ba tle ba ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa bona. Na ha o eso ho lemohe hobane Egepeta e senyehile na?


o tle o namolelwe mosading wa letekatsi, mosading wa letekatsi, mosading wa seotswa ya qekisang ka dipolelo tsa hae,


Molomo wa basadi ba diraburabu ke lemena le tebileng; ya manyala ho Jehova o tla wela teng.


Hobane keletso ke lebone, thuto ke lesedi, mme dikgalemelo tsa tayo ke tsela ya bophelo;


ho o phemisa mosadi wa seotswa le leleme le lekang la mosadi ya lelerang.


Athe eo ha a tsebe hobane ke moo bafu ba leng teng, le hoba ba lallang le bona ba mohohlong wa nqalo ya bafu.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Tadima sena seo ke se fumaneng, ho rialo Mmoledi, ha ke ne ke ntse ke nahana taba e nngwe le e nngwe, hore ke fihlele lebaka la yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios