Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:18 - BIBELE

18 Moprista o tla emisa mosadi eo kapele ho Morena, a hlantholle moriri wa mosadi eo, a mo nkise nyehelo ya phofo ya kgopotso, ya lefufa, moprista yena a ntse a nkile metsi a letswai, a tlisang thohako.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 moprista o tla emisa mosadi pela Jehova; o tla kwaholla hlooho ya mosadi, a bee diatleng tsa hae nyehelo ya kgopotso, e leng nyehelo ya poulelo; mme moprista o tla nka ka letsohong la hae metsi a babang a tlisang thohako.

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:18
18 Referencias Cruzadas  

qetellong le baba sa leshokgwa, le bohale sa sabole, sabole e mahalemabedi.


Mosadi ya tshwasang ka maqiti a hae, eo pelo ya hae e tshwanang le sefi, matsoho a hae a kang mahlaahlela, ka fumana a tshabeha ho feta le lefu. Ya kgahlisang Modimo o tla phonyoha atleng tsa hae, athe moetsadibe yena o tla tshwaswa.


Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka.


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


“Motho ya nang le lepera o tshwanetse ho apara diaparo tse maharaswa, moriri wa hae o hlanthollehe, a kwahele molomo o kahodimo, mme a howe, a re: ‘Ke na le sesila! Ke na le sesila!’


monna eo a tlise mosadi wa hae ho moprista, mme a tle a nkile nyehelo ya mosadi eo, ya phofo ya harese e boima ba dikilo tse pedi. Empa a se ke a tshela ole, kapa mokubetso hodima yona, hobane ke nyehelo ya phofo, ya lefufa; ke nyehelo ya phofo e etsetswang hore ho nne ho hopolwe molato oo.


O tla tshela metsi a halalelang ka sejaneng sa letsopa, a tshele le lerole leo a le nkileng fatshe, ka Tenteng ya Morena.


Jwale moprista o tla hlapantsha mosadi eo, a re ho yena: Haeba ha ho monna eo o ileng wa feba le yena, mme eba ha o eso etse phoso ka ho itshilafatsa le monna e mong, ha o ntse o le taolong ya monna wa hao, metsi ana a letswai a se ke a o tlisetsa thohako.


Metsi ana a tlisang thohako a ke a kene ka maleng a hao, a hohomose mpa ya hao, o fetohe nyopa.” “ ‘Mosadi o tla re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!”


Empa ha mosadi a hodisa moriri wa hae e ba tlotla ho yena, hobane o neilwe moriri o molelele, hore e tle e be lesira ho yena.


Ha mosadi a sa rwala letho, ho molemo hore a kute. Haeba e le ntho e tlontlollang hore mosadi a kute kapa a beole moriri, eka kgona a rwale ho hong hloohong.


Hara lona ho se be monna kapa mosadi, kapa ba lelapa, kapa ba morabe, bao kajeno dipelo tsa bona di ka furallang Morena Modimo wa rona, mme ba ya ho sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, esere mohlomong hara lona ha eba le mothapo o behang leshokgwa le lengana.


Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.


Yaba Samuele o re: “Ntlisetseng Akake, kgosi ya Baamaleke.” Akake a ya ho Samuele a thabile. Yaba Akake o re: “Ruri bohloko ba lefu bo fetile!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos