Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:19 - BIBELE

19 Jwale moprista o tla hlapantsha mosadi eo, a re ho yena: Haeba ha ho monna eo o ileng wa feba le yena, mme eba ha o eso etse phoso ka ho itshilafatsa le monna e mong, ha o ntse o le taolong ya monna wa hao, metsi ana a letswai a se ke a o tlisetsa thohako.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Moprista o tla hlapantsha mosadi, a re ho yena: Ha ho se monna ya robetseng le wena, ha wena o leng matleng a monna o sa ka wa mo furalla o tle o itshenye, o ke o phonyohe metsing ana a babang, a tlisang thohako.

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:19
5 Referencias Cruzadas  

“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha mosadi wa monna e mong a etsa phoso, mme a sa tshepahale ho monna wa hae,


Moprista o tla emisa mosadi eo kapele ho Morena, a hlantholle moriri wa mosadi eo, a mo nkise nyehelo ya phofo ya kgopotso, ya lefufa, moprista yena a ntse a nkile metsi a letswai, a tlisang thohako.


Empa haeba mosadi eo a sa silafala, eba o ntse a hlwekile, ha a na ho hlahelwa ke letho, mme o tla nne a belehe.


Empa Jesu a kgutsa. Moprista e Moholo a re ho yena: “Ke re o hlapanye ka Modimo ya phelang, o re bolelle hore na o Kreste, Mora Modimo.”


Mosadi ya nyetsweng o tlameletswe ke molao ho monna wa hae, ha monna a ntse a phela, empa ha monna a shwele, o lokolotswe molaong wa monna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos