le matsibolo a bara ba rona le a dikgomo tsa rona, kamoo ho ngodilweng kateng molaong; le ho tlisa tlung ya Modimo wa rona, ho baprista ba etsang tshebeletso tlung ya Modimo wa rona, matsibolo a dikgomo tsa rona le a dinku tsa rona.
Numere 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane matsibolo wohle ke a ka. Mohla ke otlang matsibolo wohle a lefatsheng la Egepeta, ke ne ke ikgethele matsibolo wohle a Iseraele, ho tloha ho a batho ho isa ho a dikgomo; e tla nne e be a ka. Ke nna Jehova. BIBELE hobane matsibolo wohle ke a ka. Ka letsatsi leo ke neng ke bolaya matsibolo a naha ya Egepeta ka lona, ke ne ke halaletse matsibolo wohle a Baiseraele, a batho le a diphoofolo, hore e be a ka. Ke nna Morena.” |
le matsibolo a bara ba rona le a dikgomo tsa rona, kamoo ho ngodilweng kateng molaong; le ho tlisa tlung ya Modimo wa rona, ho baprista ba etsang tshebeletso tlung ya Modimo wa rona, matsibolo a dikgomo tsa rona le a dinku tsa rona.
o tle o abele Jehova matsibolo wohle a batho, le matsibolo wohle a diphoofolo tse ho wena; tse tona ebe tsa Jehova.
Enile ya re ha Faro a ntse a hana ho re lokolla, Jehova a bolaya matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, ho tloha matsibolong a batho, ho isa matsibolong a diphoofolo; ke ka baka lena ke hlabelang Jehova matsibolo wohle a matona. Bara ba ka kaofela ba matsibolo ke a ba lopolla.
Nkgethele matsibolo kaofela, tsohle tse qalang mpa hara bana ba Iseraele, leha e le a batho, leha e le a diphoofolo; ke a ka.
O se ke wa dieha ho ntsha lekgetho la seo modiko wa hao o tletseng sona, le la se rothang sehatelong sa hao. O tlo o nnee letsibolo la bara ba hao.
Matsibolo wohle a bana ke a ka, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa mehlape yohle ya hao.
Dilopotsiya tsa ditholwana tsa pele tsa ntho tsohle, le dikabelo tsohle tseo le di abelang Modimo, e tla ba tsa baprista; le tla nea baprista le hlama ya lona ya pele, hore le tlise lehlohonolo matlung a lona.
Feela, ha ho motho ya ka kgethelang Jehova letsibolo la kgomo, etswe le se le kgethetswe Jehova ka ho tswalwa ha lona: letsibolo la kgomo, leha e le la nku, ke la Jehova.
Letsibolo le leng le le leng la nama yohle, leo ba tla le abela Jehova, kapa e leng la batho, kapa e leng la diphoofolo, e tla ba la hao. Feela, o tla lopollisa letsibolo la motho, mme o lopolle letsibolo la phoofolo e sa hlwekang.
Bonang, ke nkile banababo lona, Balevi, hara bana ba Iseraele; ba ne ba abetswe Jehova, jwale ba abelwa lona, hore ba tle ba etse tshebetso ya tente ya pokano.
O kgethele nna, ke leng Jehova, Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le dikgomo tsa Balevi bakeng sa matsibolo wohle a dikgomo tsa bana ba Iseraele.
ha Baegepeta ba ntse ba epela matsibolo wohle, ao Jehova a a bolaileng hara bona, mohla Jehova a neng a hlahise dikahlolo hodima medimo ya bona.
jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Morena, ho thwe: Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo o tla bitswa mokgethwa wa Morena.
phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,