Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Letsibolo le leng le le leng la nama yohle, leo ba tla le abela Jehova, kapa e leng la batho, kapa e leng la diphoofolo, e tla ba la hao. Feela, o tla lopollisa letsibolo la motho, mme o lopolle letsibolo la phoofolo e sa hlwekang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Letsibolo le leng le le leng la dibopuwa tsohle le nyehellwang Morena ke la hao; e ka ba la motho kapa la phoofolo. Leha ho le jwalo, letsibolo la motho o tla le lopolla, le letsibolo la phoofolo e sa hlwekang le lona o tla le lopolla.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:15
12 Referencias Cruzadas  

baprista ba ke ba di amohele e mong le e mong ho ba tsebanang le yena, mme ba lokise dikgeo tsa ntlo, kahohle moo dikgeo di ka bonwang.


Ra re, re tla tlisa dilopotsiya tsa hlama ya rona, le dikabelo tsa rona tseo re di kgethileng, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, re di tlisetse baprista dikamoreng tsa ntlo ya Modimo wa rona, hammoho le karolo ya leshome ya tsa lefatshe, e leng ya Balevi; hobane bona Balevi ba nka karolo ya leshome ya tsona metseng yohle ya naha e lengwang ke rona.


Enile ya re ha Faro a ntse a hana ho re lokolla, Jehova a bolaya matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, ho tloha matsibolong a batho, ho isa matsibolong a diphoofolo; ke ka baka lena ke hlabelang Jehova matsibolo wohle a matona. Bara ba ka kaofela ba matsibolo ke a ba lopolla.


Nkgethele matsibolo kaofela, tsohle tse qalang mpa hara bana ba Iseraele, leha e le a batho, leha e le a diphoofolo; ke a ka.


O se ke wa dieha ho ntsha lekgetho la seo modiko wa hao o tletseng sona, le la se rothang sehatelong sa hao. O tlo o nnee letsibolo la bara ba hao.


O lopolle letsibolo la esele ka konyana; ha o sa le lopolle, o le robe molala. O tla lopolla letsibolo la bara ba hao; hape le se ke la hlaha pela ka le sa tshwara letho.


O tla di lopollisa, ha di se di na le kgwedi e le nngwe, ka ho lekanya ha hao le ka theko ya dishekele tse hlano tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e etsang digera tse mashome a mabedi.


Hobane matsibolo wohle ke a ka. Mohla ke otlang matsibolo wohle a lefatsheng la Egepeta, ke ne ke ikgethele matsibolo wohle a Iseraele, ho tloha ho a batho ho isa ho a dikgomo; e tla nne e be a ka. Ke nna Jehova.


Haele ka topollo ya matsibolo a makgolo a mabedi a mashome a supileng a metso e meraro a bana ba Iseraele a fetileng palo ya Balevi, o nke dishekele tse hlano ka hlooho e nngwe le e nngwe;


Matsibolo a matona wohle a tswallwang dikgomong le dinkung tsa hao, o a kgethele Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa sebetsa ka matsibolo a dikgomo tsa hao, mme o se ke wa kuta matsibolo a dinku tsa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos