Numere 27:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ke ka baka lang ha lebitso la ntata rona le tloswa lelokong la hae, kahobane a sa ka a ba le mora? O re fe lefa hara banababo ntata rona. BIBELE Ke hobaneng lebitso la ntata rona le ntshwang hara ba lelapa? Na ke hobane a se na mora? Re neeng lefa jwaloka bana babo ntata rona.” |
Moshe a nolofatsa Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho Jehova, na bohale ba hao bo ya tukellang setjhaba sa hao seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla?
Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora.
Ba tla pela moprista Eleasare, le pela Joshua, mora Nune, le pela baholo, ba re: Jehova o ne a laele Moshe ho re nea lefa hammoho le banababo rona. Ebile ba fuwa lefa hammoho le banababo ntata bona, ka taelo ya Jehova.