Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 27:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “Ntata rona o ile a shwella lehwatateng. O ne a se sehlopheng sa ba neng ba ikopantse, ba lwantsha Morena, e leng ba sehlopha sa Kora. Empa o ile a shwa ka baka la sebe sa hae. O ne a se na bara.

Ver Capítulo Copiar




Numere 27:3
16 Referencias Cruzadas  

Bonang, meya yohle ke ya ka; moya wa ngwana le moya wa ntatae ke ya ka hammoho; moya o etsang sebe ke wona o tla shwa.


Nna, Jehova, ke buile; ke tla fela ke etse jwalo phutheho ena yohle e mpe, e mpokanetseng ho ntwantsha; ba tla fella lefeelleng lena; ba tla hle ba timelle teng.


Kore a ba memela phutheho yohle pela monyako wa tente ya pokano. Yaba kganya ya Jehova e hlahela phutheho kaofela.


Ba neng ba shwe ke lefu leo, e bile batho ba dikete tse leshome le metso e mene tse makgolo a supileng, kantle ho ba neng ba shwele ka taba ya Kore.


Tselofkade, mora Hefere, ha a ka a ba le bara, empa a ba le baradi. Ke wona mabitso a baradi ba Tselofkade: Makla, Nowa, Hogla, Milka le Thirtsa.


ba fihla, ba itlhahisa pela Moshe, le pela moprista Eleasare, le pela marena le phutheho yohle, monyako wa tente ya pokano, ba re:


A ke ka baka lang ha lebitso la ntata rona le tloswa lelokong la hae, kahobane a sa ka a ba le mora? O re fe lefa hara banababo ntata rona.


Yaba Jesu o boela a re ho bona: Ke a ya, mme le tla mpatla, mme le tla shwa sebeng sa lona; moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla.


Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Le tla shwa dibeng tsa lona. Ekare ha le sa dumele hobane ke nna enwa, le tla shwa dibeng tsa lona.


Ka baka leo, jwalokaha sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, mme lefu le kene ka sebe, ka mokgwa o jwalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitilwe bohle.


hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, mohau le wona o buse jwaloka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos