Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.
O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.
Tsa re: Jehova o laetse monghadi wa ka ho arolela bana ba Iseraele naha ka lotho, e be lefa la bona. Hape, monghadi wa ka o laetswe ke Jehova ho nea lefa la ngwanabo rona, Tselofkade, ho baradi ba hae.
Ba tla pela moprista Eleasare, le pela Joshua, mora Nune, le pela baholo, ba re: Jehova o ne a laele Moshe ho re nea lefa hammoho le banababo rona. Ebile ba fuwa lefa hammoho le banababo ntata bona, ka taelo ya Jehova.