Numere 26:54 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba fetisang ka bongata o tla ba nea lefa le fetisang ka boholo, ba banyenyane ka palo ya bona o tla ba nea lefa le lenyenyane; e mong le e mong o tla newa lefa le lekaneng le palo ya ba badilweng ba leloko la hae. BIBELE Morabe o nang le batho ba bangata o o abele karolo e kgolo, mme o nang le batho ba mmalwana o o abele karolo e nyenyane ya naha. Morabe o mong le o mong o abelwe lefa ho ya ka palo ya ba badilweng. |
Ba eketsa ba re: Haeba re fumane mohau pela mahlo a hao, naha eo e ke e newe bahlanka ba hao, ba e rue; o se ke wa re tshedisa Jordane.
Le tla arolelana naha ka lotho, ka palo ya matlo a lona: ba leng bangata, le tla ba nea karolo e kgolo, mme ba seng bakae le tla ba nea karolo e nyenyane. E mong le e mong o tla rua seo a se abetsweng ke lotho, mme le tla se amohela, e be lefa la lona ka meloko ya bontata lona.
Bakeng sa metse eo, le tla e nka mafeng a bana ba Iseraele; ba nang le metse e mengata, ba tla nea e mengata, empa ba nang le metse e seng mekae ba tla nea e seng mekae; e mong le e mong o tla nea Balevi metse ya hae ka palo e lekaneng le lefa leo a tlang ho le rua.
Ebile bana ba Josefa ba bolella Joshua, ba re: O re neile keng karolo e le nngwe le seabo se le seng feela, ho ba lefa la rona na, athe re batho ba bangata, mme Jehova o re hlohonolofaditse ho fihlela jwale?
Lefa la bana ba Simeone la arolwa karolong ya bana ba Juda; hobane karolo ya bana ba Juda e ne e ba sita; ebile ke moo bana ba Simeone ba abetsweng lefa la bona lefeng la bao.