Jwaloka nonyana ha e fofafofela mona le mane, le lefokotsane ha le okaokela feela, ho jwalo thohako ya lefeela, ha e sebetse letho.
Numere 23:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na nka rohaka jwang eo Modimo o sa kang wa mo rohaka? Na nka halefela jwang eo Jehova a sa mo halefeleng? BIBELE Nka rohaka e mong jwang, ya sa rohakwang ke Modimo? Nka halefela jwang, eo Modimo a sa mo halefelang? |
Jwaloka nonyana ha e fofafofela mona le mane, le lefokotsane ha le okaokela feela, ho jwalo thohako ya lefeela, ha e sebetse letho.
ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.
Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe.
Tloo ho nna hle, o nthohakele tjhaba seo, hobane se mpheta ka matla; ke moo mohlomong nka se hlolang, ka ba ka se lelekisa naheng ena; hobane ke a tseba hoba eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse, mme eo o mo rohakang o rohakilwe.
Jakobo a ke ke a louwa, le Iseraele a ke ke a nohelwa. Jwale ho tla bolellwa Jakobo le Iseraele mosebetsi o sebeditsweng ke Modimo.
Yaba Balaame o porofeta, a re: Balake o ntheositse Arame; morena wa Moabe o ntheositse dithabeng tsa botjhabela, ka ho re: Tloo, o nthohakele Jakobo! Tloo, o halefele Iseraele!