Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Tloo ho nna hle, o nthohakele tjhaba seo, hobane se mpheta ka matla; ke moo mohlomong nka se hlolang, ka ba ka se lelekisa naheng ena; hobane ke a tseba hoba eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse, mme eo o mo rohakang o rohakilwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Tloo hle, o nthohakele setjhaba sena, hobane se matla ho mpheta. Mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka naheng ena, hobane ke a tseba hore motho eo o mo hlohonolofatsang, o hlohonolofaditswe, mme eo o mo rohakang, o rohakehile.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:6
23 Referencias Cruzadas  

Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena.


Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!


Haele lenqosa le ileng ho bitsa Mikea, la re ho yena: Bona, baporofeta ba lentswe le le leng ho bolella morena molemo; ke re, le la hao lentswe le be jwaloka mantswe a bona, o bolele molemo.


Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.


kahobane ba ne ba sa ka ba ya kgahlanyetsa bana ba Iseraele ka bohobe le metsi, ba mpa ba lefa Balaame hore a ba rohake. Feela, Modimo wa rona ke wona o kileng wa fetola thohako hlohonolofatso.


Bona, ba tla rohaka, empa wena, o tla hlohonolofatsa; ha ba tsoha, ba tla tsieleha, mohlanka wa hao a ithabele.


Jwaloka nonyana ha e fofafofela mona le mane, le lefokotsane ha le okaokela feela, ho jwalo thohako ya lefeela, ha e sebetse letho.


Ba nang le dipono tsa lefeela le bonohe ba bohata, ba re: Ho itswe ke Jehova! athe Jehova ha a ba roma, mme ba tshepile hoba o tla tiisa mantswe a bona.


Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.


Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe.


hobane ke tla o hlompha haholo, mme ke tla etsa tsohle tseo o tla mpolella tsona; ke a o rapela, tloo o nthohakele setjhaba seo.


Balake a re ho yena: Tloo le nna hle bakeng sesele, moo o tla se bona; o tla bona karolo e le nngwe feela ya sona, e seng ho se bona kaofela. O nthohakele sona teng.


Empa Balake a re ho Balaame: Tloo jwale, ke o ise bakeng sesele; mohlomong ha o le mane, e tla ba ntho e lokileng mahlong a Modimo hore o nthohakele setjhaba seo, o le mane.


O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang!


Ka tsatsi le leng, ha re ya thapelong, montsana e mong, ya kenweng ke moya wa Phithone, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka ho noha, a teana le rona.


kahobane ha ba ka ba tla le kgahlanyetsa tseleng ka bohobe le ka metsi, mohla le tswang Egepeta; le kahobane ba ne ba putse Balaame, mora Peore, wa Pethore naheng ya Mesopotamia, hore a o rohake.


Jwale, Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, a tsoha, a lwantsha Iseraele, a romela le ho lata Balaame, mora Beore, hore a tle a le rohake.


Mofilesta a re ho Davida: A ke ntja, ha o tlile ho nna ka melamu? Yaba Mofilesta o rohaka Davida ka medimo ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos