Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba o romela manqosa ho ya bitsa Baalame, mora Beore, ya neng a ahile Pethore e pela noka, naheng ya bara ba setjhaba sa hae, mme a re ho yena: Bona, setjhaba se tswile Egepeta; se apesitse lefatshe, mme se ahile mabapa le nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 A romela maqosa naheng ya Baamone, ho ya bitsa Bileame, mora wa Beore, ya neng a le Petore e pela Noka a re: “Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta, se pupeditse naha yohle; se ahile pela ka.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:5
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.


Jehova a atisa setjhaba sa hae haholo, sa eba matla ho fetisa dira tsa sona.


Hobane e ne e kwahele bophara bohle ba lefatshe, naha ya ba ya fifala; ya eja dimela tsohle tsa naha le ditholwana tsohle tsa difate tse neng di siilwe ke sefako; ha ho a ka ha ba ha sala botala difateng, leha e le dimeleng tsa naha, lefatsheng lohle la Egepeta.


Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.


Yaba Balaame o porofeta, a re: Balake o ntheositse Arame; morena wa Moabe o ntheositse dithabeng tsa botjhabela, ka ho re: Tloo, o nthohakele Jakobo! Tloo, o halefele Iseraele!


Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.


kahobane ha ba ka ba tla le kgahlanyetsa tseleng ka bohobe le ka metsi, mohla le tswang Egepeta; le kahobane ba ne ba putse Balaame, mora Peore, wa Pethore naheng ya Mesopotamia, hore a o rohake.


Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa hao, ha a ka a dumela ho utlwa Balaame, empa Jehova, Modimo wa hao, thohako eo o o fetoletse yona hlohonolofatso, kahobane Jehova, Modimo wa hao, o a o rata.


Baalame, mora Beore, senohe, le yena o ne a bolailwe ka lerumo ke bana ba Iseraele, hara ba bang ba bolailweng.


Jwale, Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, a tsoha, a lwantsha Iseraele, a romela le ho lata Balaame, mora Beore, hore a tle a le rohake.


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos