ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.
Yaba Isaaka o a nyaroha, a tshoha haholo ka ho fetisisa, a re: Ke mang ya tsomileng phoofolo, a e tlisa ho nna, mme ka ja tsohle o eso ho tle, ka ba ka mo hlohonolofatsa, mme o tla fela a hlohonolofale?
Mme jwale, ako hlohonolofatse ntlo ya mohlanka wa hao, hore e nne e hlole e le teng ka ho sa feleng pontsheng ya hao; hobane seo o se hlohonolofatsang, Jehova, eba se hlohonolofetse ka ho sa feleng.
Balaame a araba, a re ho bahlanka ba Balake: Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka etsa letho leha le le leng, le lenyenyane leha e le le leholo, le tlolang taelo ya Jehova, Modimo wa ka.
Balaame a re ho Balake: Bona, ke tlile ho wena; empa na ke na le matla a ho bolela taba na? Ke tla bolela mantswe ao Modimo o tla a bea molomong wa ka.