Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.
Numere 21:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tloha teng, ba ya emisa mose wane wa Aarone, e leng noka e phallang feelleng ha e etswa naheng ya Baamore; hobane Arnone ke moedi wa Moabe, mahareng a Moabe le Baamore. BIBELE Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya hloma ka nqane ho Arenone e lehwatateng le nametseng ho ya fihla moeding wa Baamore, hobane Arenone ke wona moedi wa Bamoabe le Baamore. |
Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.
Moabe o hlabisitswe dihlong, hobane o dihilwe; llang, le bokolle, le tsebise Arnone hoba Moabe o sentswe.
Ha Balake a utlwa hobane Balaame o a fihla, a tswa, a mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe o moeding wa Arnone, pheletsong ya naha.
Tlohang, le tsamaye, mme le tshele nokana ya Arnone. Bona, ke neetse Sihone, morena wa Heshbone, le Maomore, le naha ya hae, matsohong a hao. Qala ho hapa naha eo, mme o mo lwantshe.
Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi.