Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:13 - BIBELE

13 Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya hloma ka nqane ho Arenone e lehwatateng le nametseng ho ya fihla moeding wa Baamore, hobane Arenone ke wona moedi wa Bamoabe le Baamore.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ba tloha teng, ba ya emisa mose wane wa Aarone, e leng noka e phallang feelleng ha e etswa naheng ya Baamore; hobane Arnone ke moedi wa Moabe, mahareng a Moabe le Baamore.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:13
8 Referencias Cruzadas  

Baradi ba Moabe ha ba le madibohong a Arenone, ba ka nonyana tse phuphuselang, di lelekilwe sehlaheng sa tsona. Ba re:


Moabe e tlontlolotswe hobane e tamukane! Bokollang, le be le howeletse haholo, le phatlalletse baahi ba Arenone, le phatlalatse hore Moabe e timeditswe.


Ke ka hona, Bukeng ya dintwa tsa Marena, ho thweng: “Wahebe e Sufa, le dikgohlwana tsa Arenone;


Ha Balake a utlwa hore Bileame o ntse a etla, a ya mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe, o moeding wa Arenone, moo moedi o fellang teng.


“Jwale emang, le tshele nokana ya Serede.” Yaba re tshela nokana ya Serede.


‘Kajeno le tla feta meeding ya Moabe, ka tsela ya Are.


“Emang, le tswele pele leetong la lona, le tshele molatswana wa Arenone. Bonang, Sihone wa Moamore, kgosi ya Heshebone, yena le naha ya hae, ke neelane ka yena matsohong a lona. Mo futuheleng, naha ya hae e be ya lona.


“Jwale ba tsamaya hara lehwatata, ba kekoloha naha ya Edomo, le naha ya Moabe, ba ya fihla ka botjhabela ho naha ya Moabe, ba hloma kamose wane ho Arenone. Empa ha ba a ka ba kena moeding wa Moabe, hobane Arenone e ne e le yona moedi wa Moabe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos