Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Baradi ba Moabe ha ba le madibohong a Arenone, ba ka nonyana tse phuphuselang, di lelekilwe sehlaheng sa tsona. Ba re:

Ver Capítulo Copiar




Isaia 16:2
14 Referencias Cruzadas  

Mesha, morena wa Moabe, o ne a ruile mehlape ya dinku; o ne a ntse a ntshetsa morena wa Iseraele lekgetho la dikonyana tse dikete tse lekgolo, le la dipheleu tse dikete tse lekgolo, ka boya ba tsona.


Jwaloka nonyana ha e fofafofela mona le mane, le lefokotsane ha le okaokela feela, ho jwalo thohako ya lefeela, ha e sebetse letho.


Motho ya furaletseng hae ha hae, o jwaloka nonyana e lelerang hole le ntlo ya yona.


E mong le e mong o tla ba jwaloka tshepe e tebelwang, le jwaloka mohlape o hlokang modisa, e mong le e mong a lebe ha habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.


Moabe o hlabisitswe dihlong, hobane o dihilwe; llang, le bokolle, le tsebise Arnone hoba Moabe o sentswe.


Ho madimabe wena, Moabe! Setjhaba sa Kemoshe se fedile, hobane ho tshwarwa bara ba hao ho ba isa kgolehong, le baradi ba hao ba iswa kgolehong.


Neang Moabe mapheo, hore a fofe, a tlohe, hobane metse ya hae e tla fediswa, ho be ho hlokwe le moahi ho yona.


Ho madimabe, wena Moabe! O timetse, setjhaba sa Kemoshe! Se neetse bara ba sona palehong, le baradi ba sona kgolehong ya Sihone, ya morena wa Baamore.


Ho qala ka Aroere, e lebopong la nokana ya Arnone, le motse o leng pela nokana, ho isa Gileade, ha ho a ka ha eba motse o re sitang. Jehova, Modimo wa rona, a re neela yona kaofela.


Mohlang oo, ra hapa naha eo. Naha yohle, ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho isa bohareng ba thaba ya Gileade, le metse ya teng, ka e nea Barubene le Bagade.


Ka mokgwa oo, mohlang oo, ra amoha marena a mabedi a Baamore naha e mose o kwana ho Jordane, ho tloha nokaneng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone.


Moedi wa bona o ne o tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone le motseng o hara sekgutlo sa yona, le sehlabeng sohle se pela Medeba;


Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos