Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Ha Balake a utlwa hobane Balaame o a fihla, a tswa, a mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe o moeding wa Arnone, pheletsong ya naha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

36 Ha Balake a utlwa hore Bileame o ntse a etla, a ya mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe, o moeding wa Arenone, moo moedi o fellang teng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:36
14 Referencias Cruzadas  

Yaba morena wa Sodoma o tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ha a kgutla, a se a hlotse Kedorlaomere le marena a neng a na le yena; mme a mo fihlela lehwatateng la Shave, ke ho re, lehwatata la morena.


A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,


Yaba Josefa o bofa koloi ya hae, a ya kgahlanyetsa Iseraele, ntatae, Goshene; eitse ha a fihla ho yena, a wela molaleng wa hae, a lla halelele molaleng wa hae.


Yaba Moshe o ya kgahlanyetsa mowehadi wa hae, a inama, a mo aka, mme hoba ba botsane tsa ho phela ha bona, ba ntoo kena tenteng.


Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.


Moabe o hlabisitswe dihlong, hobane o dihilwe; llang, le bokolle, le tsebise Arnone hoba Moabe o sentswe.


Lengeloi la Jehova la re ho Balaame: Eya le batho bao; empa o se ke wa bua ho hong, haese lentswe leo ke tla o bolella lona. Mme Balaame a ya le matona a Balake.


Balake a re ho Balaame: Ha ke re, ke ne ke romele ho wena hore o ye ho bitswa na? A ke ka baka lang ha o sa ka wa tla ho nna na? Hleka nka sitwa ho o etsa ka hlompho na?


Le teng, baena ha ba utlwa taba tsa rona, ba tla re kgahlanyetsa Lepatlelong la Apiuse le moo ho thweng ke Matlung a phapohelo a mararo; yare ha Pauluse a ba bona, a leboha Modimo, a beta pelo.


Tlohang, le tsamaye, mme le tshele nokana ya Arnone. Bona, ke neetse Sihone, morena wa Heshbone, le Maomore, le naha ya hae, matsohong a hao. Qala ho hapa naha eo, mme o mo lwantshe.


Ka mokgwa oo, mohlang oo, ra amoha marena a mabedi a Baamore naha e mose o kwana ho Jordane, ho tloha nokaneng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone.


Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi.


Eitse ha a sa qetella ho etsa setjheso, a bona Samuele a hlaha; Saule a tswa ho ya mo kgahlanyetsa le ho mo dumedisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos