Numere 21:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha morena wa Arade, e leng Mokanana, ya neng a ahile ka nqa borwa, a utlwa hoba Baiseraele ba tla ka tsela ya Atharime, a lwantsha Baiseraele, mme a kgutla a hapile ba bang. BIBELE Ha kgosi Arada wa Mokanana, ya neng a ahile Negebe, a utlwa hore Iseraele o ntse a etla ka tsela ya Atarime, a lwantsha Baiseraele, mme a hapa ba bang ba bona. |
Yaba Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile thabeng eo ba theoha, ba ba qhala, ba ba bolaya ho isa Horma.
Morena Arade, Mokanana, ya neng a ahile naheng ya Kanana, ka nqa borwa, a utlwa hore bana ba Iseraele ba ya fihla.
Banna ba Ai ba bolaya banna ba mashome a mararo a metso e tsheletseng ho bona, mme ba ba phallela ho tloha kgorong ya motse ho isa Shebarime, ba ba bolaela le motheong; ebile setjhaba se nyahama dipelo, tsa eba jwaloka metsi.
Haele bana ba Mokene, mohwehadi wa Moshe, ba ne ba tlohile motseng wa Dipalema, ba nyolohetse le bana ba Juda feelleng la Juda, le leng ka nqa borwa ho Arade; mme ba tla, ba aha le batho ba teng.