Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Banna ba Ai ba bolaya banna ba mashome a mararo a metso e tsheletseng ho bona, mme ba ba phallela ho tloha kgorong ya motse ho isa Shebarime, ba ba bolaela le motheong; ebile setjhaba se nyahama dipelo, tsa eba jwaloka metsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Banna ba Ai ba bolaya banna ba Iseraele ba ka bang mashome a mararo a metso e tsheletseng. Ba ba phaladisa ho tloha kgorong ya motse ho ya fihla Shebarime, ba ba bolaela motheong. Baiseraele ba nyahama dipelo, tsa ba jwaloka metsi.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:5
10 Referencias Cruzadas  

Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;


Ba fele jwaloka metsi a phallang, metsu eo ba e fulang e thithibane.


Ka baka leo, matsoho kaofela a lepeletse, dipelo tsa batho bohle di tepeletse.


Etlare ha ba re ho wena: O fehellwang? o tla re: Ke fehellwa ditaba tse tlang; hobane dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole; meya yohle e tla akgeha, mangwele wohle a fetohe metsi; bonang, taba di a tla, di se di tlile: ho bolela Morena Jehova.


Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!


Baamore ba neng ba ahile thabeng eo, ba le kgahlanyetsa, ba le phallela jwaloka hoja ke dinotshi, mme a le hlola Seire, ho ya fihla Horma.


Eitse hobane re utlwe, ra nyahama dipelo; meya ya rona kaofela ya kgathala pela lona, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo hodi-mo lehodimong, le tlase lefatsheng.


a re ho banna bao: Ke a tseba hobane Jehova o le neile lefatshe, mme letsoso la lona le re wetse hodimo, mme bohle ba ahileng lefatsheng lena, ba tepeletse pela lona.


Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos