Bahanyetsi ba hao ba kile ba kurutla ka tempeleng ya hao, ba beile dipontsho tsa bona teng.
Numere 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Iseraele ba tla hloma ditente tsa bona mabapa le difolaga tsa matlo a bontata bona, e mong le e mong haufi le folaga ya hae. Ba tla di hloma ba teetse tente ya pokano hare, malebana le yona. BIBELE “Ha bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona, e mong le e mong wa bona a be pela mokgele wa hae, tlasa folakga ya ntlo ya ntatae. Ba tla hloma ditente tsa bona di potapotile Tente ya Morena, feela ba be hojana le yona. |
Bahanyetsi ba hao ba kile ba kurutla ka tempeleng ya hao, ba beile dipontsho tsa bona teng.
Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang.
Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.
Lona kaofela ba ahileng lefatsheng lohle, le lona ba ahileng naheng ena, etlare ha folaga e emisitswe hodima dithaba, le lelale; etlare terompeta ha e letswa, le mamele!
a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.
Jehova, Modimo wa bona, o tla ba pholosa ka tsatsi leo, jwaloka mohlape oo e leng setjhaba sa hae; hobane ba tla ba jwaloka mahakwe a phatsimang a moqhaka lefatsheng la hae.
o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.
Folaga ya ntlo ya bana ba Juda ya tloha pele: ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Juda le ne le laolwa ke Nasone, mora Amminadabe;
Yaba folaga ya ntlo ya Rubene e a tloha; ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Rubene le ne le laolwa ke Elitsure, mora Shedeure;
Yaba folaga ya ntlo ya bana ba Efraime e a tloha; ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Efraime le ne le laolwa ke Elishama, mora Ammihude;
Yaba ho tloha folaga ya ntlo ya bana ba Dane; ba tloha ka makgotla a bona, e le serao sa makgotla kaofela; lekgotla la bona le ne le laolwa ke Akiesere, mora Ammishaddai;
Ka nqa borwa, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Rubene, ka makgotla a yona; ke morena wa bana ba Rubene, Elitsure, mora Shedeure,
Ka nqa botjhabela, pela tente, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Juda, ka lekgotla la yona; ke morena wa banna ba Juda, Nasone, mora Amminadabe,
Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae.
Hobane Modimo hase Modimo wa moferefere, empa e le wa kgotso, jwalokaha ho bonwa dikerekeng tsohle tsa bahalaledi.
Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,
a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.
Le mpe le siye sebaka mahareng a lona le yona areka, se ka bang ditswe tse kete tse pedi; le se ke la tla haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla ya ka yona; hobane ha le eso ho ye ka tsela eo.