La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 17:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

E mong le e mong ya atamelang tabernakele ya Jehova o a timela. Na ke ho re, re tshwanetse ho timela kaofela na?

Ver Capítulo

BIBELE

E mong le e mong ya atamelang, ya atamelang Tente ya Morena, o tla shwa! Na bohle re fela re tla shwa?”

Ver Capítulo



Numere 17:13
21 Referencias Cruzadas  

empa haele ditholwana tsa sefate se hara tshimo, Modimo o itse: Le se ke la di ja, mme le se ke la di ama, hore le tle le se ke la shwa.


Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.


Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.


Hobane re fediswa ke bohale ba hao, re tshoswa ke kgalefo ya hao.


Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.


A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.


Jehova a re ho Aarone: Wena le bara ba hao, le ba ntlo ya ntatao, le tla jara melato e etswang dinthong tse halalelang; wena le bara ba hao, le tla jara melato e etswang tshebetsong ya boprista ba lona.


a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.


Bohale ba Jehova ba tukela Iseraele; a ba dikadikisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ha ba ha timela moloko wohle wa bao ba neng ba entse bobe pela mahlo a Jehova.


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.


Empa jwale, ha le le ho Jesu Kreste, lona bao le neng le le hole kgale, le atameditswe ke madi a Kreste.


Eitse hobane banna bohle ba ntwa ba timele setjhabeng,