Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 25:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 a sala monna eo wa Moiseraele morao ho ya ka tenteng ya hae, a ba phehletsa ka lerumo bobedi ba bona, monna eo wa Moiseraele le mosadi eo. Sewa se neng se wetse bana ba Iseraele hodimo sa fela,

Ver Capítulo Copiar




Numere 25:8
10 Referencias Cruzadas  

Masapo a Saule le a Jonathane mora hae, a epelwa fatsheng la Benjamine, Tsela, lebitleng la Kishe ntatae. Ha etswa kahohle kamoo ho laetsweng kateng, ke morena. Kamora tseo Modimo wa hauhela lefatshe.


Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.


Yaba Davida o re ho Ornane: Nnee baka sa seotlo sena, hore ke tle ke hahele Jehova aletare teng; nnee sona bakeng sa theko ya sona e phethehileng, hore lefu lena le tloswe hara setjhaba.


Selekane sa ka le yena e be e le bophelo le kgotso, mme ke re, ke ne ke mo neile tsona hore a ntshabe; a fela a ntshaba, a ba a thothomela pela lebitso la ka.


E mong le e mong ya atamelang tabernakele ya Jehova o a timela. Na ke ho re, re tshwanetse ho timela kaofela na?


Finease, mora Eleasare, mora wa moprista Aarone, o kgelositse bohale ba ka hodima bana ba Iseraele, kahobane a mpouletse hara bona; ke ka baka leo ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele poulelong ya ka.


Yaba Moshe o re ho baahlodi ba Iseraele: E mong le e mong wa lona a bolaye batho ba habo ba kgomaretseng Baale-Peore.


Ba etsa sefika se seholo sa majwe hodima hae; se sa le teng le kajeno. Yaba Jehova o bohla bohaleng ba ho halefa ha hae. Ka baka lena, bitso la teng la bitswa sekgutlo sa Akore (pherekanyo) ho fihlela kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos