Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 25:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba Finease, mora Eleasare, mora moprista Aarone, ha a bona hoo, a raoha hara phutheho; a tshwara lerumo letsohong la hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ha Finiase, mora wa Eleasare, setloholo sa moprista Arone, a bona hona, a ema, a tloha hara phutheho eo. A nka lerumo ka letsoho la hae,

Ver Capítulo Copiar




Numere 25:7
12 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya kgale, Finease, mora Eleasare, ya eba modisa wa bona, mme Jehova a nna a ba le yena.


mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.


Ke ha Finease a hlaha, a pheteletsa Modimo, mme lefu leo la kgutsa;


Bara ba Levi ba etsa ka polelo ya Moshe, mme tsatsing leo ha eshwa batho ba batlileng ho etsa kete tse tharo hara setjhaba.


Eleasare, mora Aarone, a nyala e mong wa baradi ba Puthiele, mme a mo tswalla Finease. Ke tsona dihlooho tsa bontata Balevi ka masika a bona.


Selekane sa ka le yena e be e le bophelo le kgotso, mme ke re, ke ne ke mo neile tsona hore a ntshabe; a fela a ntshaba, a ba a thothomela pela lebitso la ka.


Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.


Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade,


Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.


Moya o mobe o tswang ho Jehova wa tlela Saule, a le hae ka tlung, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa ka letsoho la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos