Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 25:7 - BIBELE

7 Ha Finiase, mora wa Eleasare, setloholo sa moprista Arone, a bona hona, a ema, a tloha hara phutheho eo. A nka lerumo ka letsoho la hae,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba Finease, mora Eleasare, mora moprista Aarone, ha a bona hoo, a raoha hara phutheho; a tshwara lerumo letsohong la hae;

Ver Capítulo Copiar




Numere 25:7
12 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya pele, Finease, mora wa Eleasare, e ne e le mookamedi wa bona, mme Morena a ena le yena.


Buki ya tswetsweng ke Abishua, Abishua ya tswetsweng ke Finease, Finease ya tswetsweng ke Eleasare, Eleasare ya tswetsweng ke Moprista e Moholo Arone.


Empa Finease a ema, a ahlola ba molato, yaba lefu la sewa le a fela.


Bara ba Levi ba etsa jwalokaha Moshe a boletse. Ka letsatsi leo ha eshwa batho ba ka bang dikete tse tharo.


Eleasare, mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Finease. Ana ke mabitso a dihlooho tsa Balevi, ho ya ka malapa a bona.


“Ke ne ke entse selekane le yena: Ka mo nea bophelo le kgotso; ka mo ruta ho ntlhompha, mme a fela a ntlhompha, a ntshaba.


Moshe a ba romela ntweng, e le sekete sa ba tswang morabeng o mong le o mong; bona le Finiase mora wa moprista Eleasare a ba romela ntweng, Finiase a nkile dijana tsa Sehalalelo le diterompeta tse hlabang mokgosi.


Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora wa moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba le Gileade.


Ka matsatsi wona ao, Finease, mora wa Eleasare, mora wa Arone, e ne e le yena ya sebeletsang kapele ho yona. Jwale a re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine, kapa re kgaotse?” Morena a re: “Nyolohang, hobane hosasane ke tla neelana ka bona matsohong a lona.”


Moya o mobe, o tswang ho Morena, wa theohela hodima Saule ha ntse a dutse ka tlung ya hae, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa harepa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos