Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 25:8 - BIBELE

8 a sala monna eo wa Moiseraele morao ho ya ka tenteng ya hae, a ba phehletsa ka lerumo bobedi ba bona, monna eo wa Moiseraele le mosadi eo. Sewa se neng se wetse bana ba Iseraele hodimo sa fela,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 25:8
10 Referencias Cruzadas  

Ba epela masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule, naheng ya morabe wa Benjamine, e Sela, ka lebitleng la ntatae Kishe. Ba etsa tsohle tseo kgosi e laetseng hore di etswe, mme kamora moo, naha ya rapellwa ho Modimo.


Davida a hahela Morena aletare hona moo, a nyehela ka dinyehelo tsa setjheso le tsa teboho. Yaba Morena o hauhela setjhaba, mme sewa sa kgaotsa naheng ya Iseraele.


Davida a re ho yena: “Nnee seotlo sena ke tle ke hahele Morena aletare ho sona, e le hore sewa se tle se kgaotse setjhabeng. O nthekisetse sona ka theko ya sona.”


“Ke ne ke entse selekane le yena: Ka mo nea bophelo le kgotso; ka mo ruta ho ntlhompha, mme a fela a ntlhompha, a ntshaba.


E mong le e mong ya atamelang, ya atamelang Tente ya Morena, o tla shwa! Na bohle re fela re tla shwa?”


“Finiase, mora wa Eleasare, setloholo sa moprista Arone, o fapositse kgalefo ya ka ho bana ba Iseraele, hobane ke yena feela hara bona ya mpoulelang jwalokaha ke boulela. Ke ka baka lena ha ke ne ke halefile ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele.


Moshe a re ho baahlodi ba Iseraele: “E mong le e mong wa lona a bolaye banna ba habo, ba ileng ba sebeletsa Baale-Peore.”


Ba kgobella majwe hodima hae, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le teng. Kgalefo e tlokomang ya Morena ya kokobela. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno sebaka seo se ntseng se bitswa ka lebitso la Kgohlo ya Akore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos