Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 25:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka yona nako eo, ha fihla monna e mong wa bana ba Iseraele, ya tlisang mosadi wa Midiane ho banababo, pontsheng ya Moshe le pontsheng ya phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba ntse ba lla monyako wa tente ya pokano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Bonang, monna e mong wa bana ba Iseraele a tlisa mosadi wa Momidiane ho bana babo, moo Moshe a ntseng a bona, le moo setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se ntseng se bona, se ntse se lla se le monyakong wa Tente ya Morena.

Ver Capítulo Copiar




Numere 25:6
24 Referencias Cruzadas  

Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.


Ba tloha Midiane, ba tla Parane; ba nkana le banna ba bang ba Parane, ba fihla Egepeta ho Faro, morena wa Egepeta. Yena a mo nea ntlo, a mo abela dijo, a mo sehela le naha.


Ke mang ya tlang ho nkemela ho ba bolotsana? Ke mang ya tlang ho nthusa bakeng sa ba etsang bobe?


Morena, Jehova wa makgotla, o le bileditse ho lla le ho hlomoha ka tsatsi leo, ho kuta moriri le ho apara lesela le mahwashe.


Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.


Eitse hobane Jehudi a bale maqephe a mararo, kapa a mane, morena a a seha ka thipana ya mongodi, a a lahlela mollong mashaleng a leifong, ho fihlela lengolo kaofela le tjheswa.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?


Yaba Aarone o nka pitsa eo kamoo Moshe a mo laetseng kateng, a titimela hara phutheho, mme a fumana lefu le se le qalehile hara setjhaba. Yaba o tshela dibano, a etsetsa setjhaba pheko.


Moabe a re ho baholo ba Midiane: Bongata boo bo ya qeta tsohle tse ka mathoko ho rona, jwaloka dikgomo ha di fula botala ba naha. Mohlang oo, Balake, mora Tsippore, e ne e le yena morena wa Moabe.


Pheteletsa bana ba Iseraele ho Bamidiane, o ntoo orohela ho setjhaba sa hao.


ke maqhubu a hlanyang a lewatle, a akgelang mafilo a ditshila tsa wona mane le mane; ke dinaledi tse kgerang, tse lokiseditsweng botsho ba lefifi la bo sa feleng.


Lengeloi la Jehova la re le sa bolella bana bohle ba Iseraele taba tseo, setjhaba sa bokolla, sa lla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos