Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bohale ba Jehova ba tukela Iseraele; a ba dikadikisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ha ba ha timela moloko wohle wa bao ba neng ba entse bobe pela mahlo a Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 “Jwale kgalefo ya Morena ya tlokomela Iseraele, mme a ba lelerisa lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ho fediswa moloko wohle o neng o etse bokgopo moo Morena a ntseng a bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:13
15 Referencias Cruzadas  

Ba nnile ba solla feelleng, nahathothe, ba sa fumane motse wa ho aha;


Wa fedisa matsatsi a bona hang, le dilemo tsa bona ka tshenyeho e phakisisang.


Ka tenwa ke moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka re: Ke setjhaba seo pelo ya sona e kgelohileng; ha ba tsebe ditsela tsa ka.


Bana ba Iseraele ba ne ba je manna ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ba kena naheng eo batho ba leng teng ho yona; ba eja manna ho isa ha ba fihla moeding wa lefatshe la Kanana.


Hape, ke nna ke neng ke le ntshe lefatsheng la Egepeta, ka le tsamaisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le tle le rue naha ya Baamore;


Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.


Empa, haele lona, ditopo tsa lona di tla sala feelleng;


Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng.


Hobane Jehova, Modimo wa hao, o o hlohonolofaditse mesebetsing yohle ya matsoho a hao; o lemohile ho tsamaya ha hao lefeelleng leno le leholo; e se e le dilemo tse mashome a mane Jehova, Modimo wa hao, a leng ho wena, mme ha o a ka wa hloka letho.


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


Ke ha kgalefo ya Jehova e tla tukela Baiseraele, a re: Haele moo setjhaba sena se sentse selekane seo ke se laetseng bontata bona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos