Yaba Abrame o thakgolla tente ya hae, a tsamaya, mme a ya aha dieikeng tsa Mamre, pela Hebrone; mme a hahela Jehova aletare teng.
Numere 13:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng. BIBELE Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa. |
Yaba Abrame o thakgolla tente ya hae, a tsamaya, mme a ya aha dieikeng tsa Mamre, pela Hebrone; mme a hahela Jehova aletare teng.
Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.
Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.
Haele bongata ba tshiu tseo Davida a busitseng ntlo ya Juda ka tsona a le Hebrone, ke dilemo tse supileng tse nang le kgwedi tse tsheletseng.
Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.
Ruri, baholo ba Tsowane ke mahlanya feela; kelello ya baeletsi ba Faro e fetohile bowatla. Le ka bolela jwang ho Faro, la re: Ke nna mora wa ba bohlale, mora marena a kgale?
Baholo ba Tsowane ba fetohile mahlanya, baholo ba Nofe ba thetsitswe, Egepeta e kgelositswe ke dihlooho tsa meloko ya yona.
Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, a re ho bona; Le kene ho yona ka nqa borwa, mme le hlwelle dithabeng,
Empa feela, batho ba ahileng naheng eo ke dinatla, mme metse ya teng e haheleditswe ka marako, mme e meholo haholo; esita le bana ba Anake re bile ra ba bona teng.
re bone teng diqhobane, bana ba Anake, ba mofuta wa diqhobane; mahlong a rona, le mahlong a bona, re ne re le jwaloka mehlwanyane feela.
Ke setjhaba se seholo, se boemo bo bolelele, ke ditloholo tsa Baanake bao o ba tsebang, bao o utlwileng ha ho thwe: Ho ka ema mang pela bana ba Anake?
Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba tloha Eglone, ba ya Hebrone, mme ba o lwantsha.
Bana ba moprista Aarone ba newa Hebrone le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai; le Libna le meraka ya wona;
Hape, ba Juda ba futuhela Bakanana ba ahileng Hebrone (bitso la pele la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba), mme ba hlola metse ya Sheshai, le Akimane, le Talmai.