Numere 11:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho ne ho setse banna ba babedi diahelong, lebitso la e mong e le Eldade, la e mong e le Medade, mme moya wa dula hodima bona; leha e ne e le ba kgethilweng, ba ne ba sa ka ba ya tenteng; mme ba porofeta diahelong. BIBELE Empa banna ba babedi ba ne ba setse diahelong. Lebitso la e mong wa bona e ne e le Eledade, la e mong e le Medade. Le bona Moya o ile wa dula hodima bona. E ne e le ba bang ba ba neng ba ngotswe bukeng, empa bona ba sa ka ba ya ka Tenteng ya Morena; yaba bona ba porofeta ba le diahelong. |
Wa nna wa iphapanya le bona ka lemo tse ngata, wa nna wa paka hara bona ka moya wa hao, wa bua le ka baporofeta ba hao; ba mpa ba se ke ba sekeha tsebe. Ka baka leo, wa nna wa ba neela matsohong a ditjhaba tsa mafatshe.
Moshe a re ho Modimo: A nna ke mang, nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele Egepeta?
Yaba mohlankana e mong o titima, a bolella Moshe, a re: BoEldade le Medade ba porofeta diahelong.
Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae.
Ba boela ba botsa Jehova, ba re: Na monna elwa a ke ke a tla mona na? Jehova a re: Bonang, ke yane, o ipatile diphahlong.
Le wena, moya wa Jehova o tla o tshwara, mme o tla porofeta le bona, o be o fetohe motho osele.
Saule a se ke a bua letho tsatsing leo, a re: Ekaba o hlahetswe ke taba, ha a hlweka; ruri ha a hlweka.