Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ba boela ba botsa Jehova, ba re: Na monna elwa a ke ke a tla mona na? Jehova a re: Bonang, ke yane, o ipatile diphahlong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ka baka leo, ba boela ba botsa Morena: “Na ho na le monna e mong ya tlileng moo?” Morena a araba, a re: “Ke enwa, o ipatile hara thoto.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:22
19 Referencias Cruzadas  

Mafahla a ne a thala maleng a hae; yaba o re: Ha ho le jwalo, taba eo e ntlhahellang? Yaba o ya botsa Jehova.


Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.


Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.


Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.


Eitse hobane Joshua a timele, bana ba Iseraele ba botsa Jehova, ba re: Ke mang ho rona ya tla simolla ho futuhela Bakanana le ho ba lwantsha?


Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.


Jwale, a atametsa leloko la Benjamine ka methapo ya lona, mme ha kgethwa mothapo wa Matri, ha ba ha kgethwa Saule, mora Kishe; a batlwa, a mpa a se ke a fumanwa.


Saule a botsa Modimo, a re: Ana ke tla tloha, ke phallele Bafilesta na? Ana o tla ba neela matsohong a Baiseraele na? Empa Modimo o se ke wa mo araba letho tsatsing leo.


Saule a re ho yena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, o ne o le monyenyane le mahlong a hao, mohla o bewang hlooho ya meloko ya Iseraele, e le mohla Jehova a o tlotsang ho ba morena wa Iseraele na?


Akimeleke o mmotseditse Jehova, a mo nea le mofaho, a mo nea le sabole ya Mofilesta Goliathe.


Davida ha a utlwa hobane Saule o mo otsitse, a re ho moprista Abiathare: Tlisa efoda kwano.


Ebile Davida o re ho moprista Abiathare, mora Akimeleke: Ako atametse efoda pela ka. Abiathare a atametsa efoda pela Davida.


Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.


Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos