Wa nna wa ba tsamaisa ka topallo ya leru motshehare, le ka topallo ya mollo bosiu, o tle o ba bonesetse tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.
Numere 10:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Enere ha ba tloha moo ba neng ba emisitse teng, leru la Jehova le ne le le hodima bona motshehare. BIBELE Leru la Morena le ne le ba okametse motsheare, ha ba tloha diahelong. |
Wa nna wa ba tsamaisa ka topallo ya leru motshehare, le ka topallo ya mollo bosiu, o tle o ba bonesetse tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.
ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, ha o a ka wa ba lahlela feelleng; topallo ya leru ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba bonesetsa tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.
Hobane leru la Jehova le ne le le tabernakeleng motshehare, bosiu e be mollo, pontsheng ya ba ntlo yohle ya Iseraele, ho tsamayeng hohle ha bona.
Ha areka e ne e tloha, Moshe o ne a re: Raoha, Jehova; dira tsa hao a di ke di qhalwe! mme ba o hloileng, a ba ke ba balehe pela sefahleho sa hao!