Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 10:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ba tloha thabeng ya Jehova; ba tsamaya ka matsatsi a mararo; mme areka ya selekane sa Jehova ya ba etella pele sebaka sa matsatsi a mararo, e ba batlele moo ba tla phomola teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

33 Jwale ba tloha thabeng ya Morena, ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo. Areka ya selekane sa Morena ya ba etella pele ka matsatsi a mararo, ho ya ba batlela sebaka sa ho phomola.

Ver Capítulo Copiar




Numere 10:33
25 Referencias Cruzadas  

Ke moo ke hlapantseng bohaleng ba ka, ka re: Ba ke ke ba ba ba kena phomolong ya ka!


Moshe a nyolohela ho Modimo, mme Jehova a mmitsa a le qhoweng ya thaba, a re: Bua le ntlo ya Jakobo, o bolelle bana ba Iseraele, o re:


Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.


Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.


O na be a se boleletse, a re: Mona ke nqalo ya phomolo, le baballe batho ba kgathetseng ka phomolo; mona ke nqalo ya kgatholoho; empa se hanne ho utlwa.


Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?


Etlare ha le se le atile, le anafetse lefatsheng, mehleng eo, ho bolela Jehova, ha ba sa tla hlola ba bolela areka ya selekane sa Jehova; ha e sa tla hopolwa dipelong, ha ba sa tla e elellwa, ha ba sa tla e hlolohelwa, mme ha ho ka ke ha etswa e nngwe.


Ho itswe ke Jehova: Setjhaba se siilweng ke lerumo se bone mohau lefeelleng; a re yeng, re tle re nee Iseraele phomolo.


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


mohlang oo, ke ne ke ba emiseditse letsoho la ka, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba batletseng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


bana ba Iseraele ba tloha lefeelleng la Sinai, ka lenaneo la ho tsamaya leo ba neng ba le laetswe; mme leru la ema lefeelleng la Parane.


ya neng a ntse a le etella pele tseleng ho le batlela dibaka tseo le tla emisa ho tsona, bosiu a le bonesetse ka mollo tsela ya lona eo le neng le tshwanetse ho ya ka yona, mme motshehare a le tsamaise ka leru.


Nkang buka ena ya molao, mme le e bee haufi le areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, e tle e be paki ho wena hona teng.


Eitse ha ke nyolohela thabeng ho ya nka matlapa, matlapa a selekane seo Jehova a se entseng le lona, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi.


Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.


Bana ba Iseraele ba ntoo botsa Jehova (hobane areka ya selekane sa Modimo e ne e le teng ho bona mohlang oo;


Jwale, setjhaba ha se kgutletse diahelong, baholo ba Iseraele, ba re: Jehova o re hloletseng kajeno ka Bafilesta? Ha ho ke ho latwe Silo areka ya selekane sa Jehova, e tle hara rona, mme e re namolele matsohong a dira tsa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos