leha ho le jwalo, e tla ba bafo ba hae, ba tle ba tsebe ho kgetha tshebeletso ya ka ho tshebeletso ya mebuso ya mafatshe a mang.
Nehemia 9:36 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bona, kajeno re bafo; haele lefatshe leo o neng o le neile bontata rona hore ba je ditholwana le menono ya lona, o ka bona, re bafo ho lona; BIBELE Kajeno re makgoba naheng ya bo-ntata rona, naha eo o neng o ba abele yona, hore ba je tholwana tsa yona le menono ya yona; jwale ke mona re makgoba ho yona! |
leha ho le jwalo, e tla ba bafo ba hae, ba tle ba tsebe ho kgetha tshebeletso ya ka ho tshebeletso ya mebuso ya mafatshe a mang.
Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.
o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.