Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Hape, ho buseng ha bona, leha o ne o ntse o ba sitsa ka melemo e mengata, mme o ba neile lefatshe le batsi, le enneng, ha ba ka ba o sebeletsa, mme ha ba ka ba sokoloha diketsong tse mpe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 Leha ba ne ba buswa ke kgosi tsa bona, ba iketlile, ba eja poqo-ka-hlanaka, naheng e batsi, e manoni, eo o ba fileng yona, ha ka ba o sebeletsa, ha ba a ka ba furalla makgopo a bona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:35
11 Referencias Cruzadas  

Ba nka metse e marako le naha e nonneng, ba rua matlo a tletseng menono ya mefuta yohle, le didiba tse tjhekilweng, le merara, le mehlwaare, le difate tse ngata tse beang ditholwana; ba eja, ba kgora, ba nona, mme ba phela menyakeng yohle ka baka la molemo wa hao o moholo.


Marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le bontata rona, ha ba ka ba etsa ka molao wa hao, ha ba ka ba nahana ditaelo tsa hao le dikeletso tsa hao tseo o nnileng wa paka hara bona ka tsona.


Ke tla bina mehauhelo ya Jehova le dithoko tsa Jehova hodima tsohle tseo Jehova a di entseng bakeng sa rona, le hodima lereko le leholo leo a rekolohetseng ntlo ya Iseraele ka lona, leo a ba etseditseng lona ka mohau wa hae le ka boholo ba mehauhelo ya hae.


Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.


empa o entse bokgopo, o ikgantsheditse ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsa bahedene, o ikgantsheditse le dikomelo tsa ka ho feta dinaha tse mo teetseng hare, hobane ba lahlile ditaelo tsa ka, mme ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka.


Kahobane o tla be o sa ka wa sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, ka thabo le ka pelo e monate, ka baka la ho atelwa ke ntho tsohle,


o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.


Etlare ha ba hlahelwa ke mahloko le mahlomola a mangata, sefela sena se tla ba qosa, jwaloka paki, hobane se ke ke sa lebalwa ke melomo ya ditloholo tsa bona; etswe ke tseba merero ya dipelo tsa bona, eo ba e etsang kweno, ha ke eso ho ba kenye lefatsheng leo ke anneng hore ke tla ba nea lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos