Haele ditshwanelo, le mekgwa, le molao, le taelo tseo a le ngoletseng tsona, le di boloke, le ye ka tsona kamehla; le se ke la tshaba medimo esele.
Nehemia 9:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Wa ba wa theohela thabeng ya Sinai, wa bua le bona o le mahodimong; wa ba nea dikahlolo tse lokileng le melao ya nnete, le ditemoso tse molemo le ditaelo. BIBELE Wa ba wa theohela hodima Thaba Sinai, wa bua le bona o theoha lehodimong; wa ba nea kahlolo tse lokileng le melao ya nnete, temoso tse lokileng le tsona ditaelo. |
Haele ditshwanelo, le mekgwa, le molao, le taelo tseo a le ngoletseng tsona, le di boloke, le ye ka tsona kamehla; le se ke la tshaba medimo esele.
E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.
Kakaretso ya lentswe la hao ke nnete, dikahlolo kaofela tsa ho loka ha hao ke tse sa feleng.
A re ho bona: Ke yona taba e boletsweng ke Jehova: Hosasane ke tsatsi la phomolo, e leng Sabatha e kgethetsweng Jehova; boo le bo apehang le bo apehe kajeno, le bese boo le bo besang; bo salang kaofela le bo beele hosasane.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.
Jehova a re ho Moshe: Ere ho bana ba Iseraele: Le bone ha ke bua le lona ke le mahodimong.
jwaloka mohla o kileng wa etsa mehlolo e tshabehang eo re neng re sa e lebella, mme wa theoha, dithaba tsa ba tsa keleketla pela sefahleho sa hao!
Modimo o a tla, o tswa Themane, Mohalaledi o tswa thabeng ya Parane! (Sela.) Kganya ya hae e akaretsa lehodimo, lefatshe le tletse letlotlo la hae.
A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao.
Na se teng setjhaba se seng se utlwileng lentswe la Modimo o buang o le hara mollo, jwalokaha o le utlwile wena, sa ba sa phela na?
A le lehodimong, o ile a o utlwisa lentswe la hae hore a o rute; le lefatsheng o o bontshitse mollo wa hae o moholo, mme o utlwile mantswe a hae a etswa hara mollo.
Ke sefe setjhaba se seholo se nang le melao le ditaelo tse lokileng jwalokaha molao ona wohle oo ke o beang pela lona kajeno?