Nehemia 3:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kapele ho eo, Baruke, mora Sabbai, a lokisa koto se seng ka mafolofolo, ho tloha koung ya lerako ho ya fihla monyakong wa ntlo ya moprista e moholo Eliashibe. BIBELE Baruke, mora wa Sabai, a latela Esere; a tsosa karolo e nngwe ya lerako ka mafolofolo, ho tloha hukung ya lona, ho ya fihla monyakong wa ntlo ya Moprista e Moholo Eleashibe. |
E mong wa bara ba Jojada, mora Eliashibe, moprista e moholo, e ne e le mokgwenyana wa Sanballate, Mohorone; yaba ke mo leleka pela ka.
Tseo di eso ho be teng, Eliashibe, moprista ya neng a beilwe mohlahlobi wa dikamore tsa ntlo ya Modimo wa rona, e le wa habo Tobia,
Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele.
Kapele ho eo, Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse, a lokisa sekoto se seng, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eliashibe, ho ya kgutla phellong ya ntlo ya Eliashibe.
Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Bakeng sa mafolofolo, le se ke la ba botswa; le be le tjheseho moyeng; le sebeletse Morena.