Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 3:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Kapele ho eo, Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse, a lokisa sekoto se seng, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eliashibe, ho ya kgutla phellong ya ntlo ya Eliashibe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a latela Baruke. A tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eleashibe, ho ya fihla moo ntlo eo e fellang teng.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 3:21
8 Referencias Cruzadas  

Hakotse a tswala Anube, le Hatsobeba, le lesika la Akarhele, mora Harume.


Hape, baneng ba baprista, ya eba bana ba Habaia, le bana ba Hakkotse, le bana ba Barsillai, bao ntata bona a neng a nyetse e mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a bile a bitswa ka lebitso la habo bona.


Ka letsatsi la bone, ra lekanya boima ba silefera le kgauta le mesebetsi, re le ka tlung ya Modimo wa rona, ra di neela matsohong a moprista Meremothe, mora Uria, ba ena le Eleasare, mora Finease, le Josabade, mora Joshua, le Noadia, mora Binnui, e leng Balevi,


Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele.


Kapele ho eo, Baruke, mora Sabbai, a lokisa koto se seng ka mafolofolo, ho tloha koung ya lerako ho ya fihla monyakong wa ntlo ya moprista e moholo Eliashibe.


Kapele ho bao, ha lokisa baprista ba Lehwatata.


Mabapa le bona, ha lokisa Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse. Mabapa le bona, ha lokisa Meshullame, mora Berekia, mora Meshesabeele; mabapa le bona, ha lokisa Tsadoke, mora Baana;


Hape, baneng ba baprista, ya eba bana ba Hobaia, le bana ba Hakkotse, le bana ba Barsillai bao ntata bona a neng a nyetse e mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a bile a rewa lebitso la habo bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos