E mong wa bara ba Jojada, mora Eliashibe, moprista e moholo, e ne e le mokgwenyana wa Sanballate, Mohorone; yaba ke mo leleka pela ka.
Nehemia 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, le Gesheme Moarabe, ba utlwa taba tseo, ba soma ka rona, ba re nyedisa, ba re: Keng, hoo le ho etsang? Hleka le rata ho ikgantshetsa morena na? BIBELE Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?” |
E mong wa bara ba Jojada, mora Eliashibe, moprista e moholo, e ne e le mokgwenyana wa Sanballate, Mohorone; yaba ke mo leleka pela ka.
Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, ba swaba ka ho fetisisa ha ba utlwa hobane ho fihlile monna ya tla etsa bana ba Iseraele hantle.
Eitse ha Sanballate a utlwa hobane re boetse re tsosa lerako, a belaela, a halefa haholo, mme a soma ka Bajuda.
leo ho ngodilweng ho lona taba e reng: Ho tumile hara ditjhaba, le yena Gashmu o rialo, hore wena le Bajuda le rerile morero wa ho kweneha; ke kahoo o tsosang lerako; leshano le re, ke wena o tla ba morena wa bona,
Hobane efela bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: Matsoho a bona a tle a tepellele mosebetsi, hore o tle o se ke wa etswa. Oho jwale, Modimo wa ka, o ke o matlafatse matsoho a ka!
Mme jwale, ke sesomo ho ba banyenyane ho nna, bao nka beng ke nyatsitse ho bea bontata bona hara dintja tsa mehlape ya ka.
Oho Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!
Ke re: O etsa dipolelo tsa lefeela, ha o bolela kelello le matla a hao a ho lwana. Jwale, o tshepile mang na, ha o mphetohetse?
Hobane kamehla ha ke bua, ke ye ke howe, ke howeletse batho bothata le tshenyo; ka baka leo, lentswe la Jehova le mphetohetse sekgobo le sesomo ka tsatsi le leng le le leng.
Yaba Ishmaele o ya le ba siilweng kaofela ba setjhaba ba neng ba le Mitspe, le baradi ba morena le ba setjhaba kaofela ba neng ba setse Mitspe, bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba beile tisong ya Gedalia, mora Akimane; Ishmaele, mora Nethania, a ya le bona, a tloha teng a lebile nqa naha ya bana ba Ammone.
Ba mo tsheha; empa Jesu a ba ntshetsa ntle kaofela, a nka ntata ngwanana le mmae le ba tlileng le yena, mme a kena moo ngwanana a robaditsweng teng.
Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena.
Jwale, Pilato a batla kamoo a ka mo lokollang kateng; empa Bajuda ba howa, ba re: Ha o lokolla enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya ipeang morena, o hana Sesare.
Re re, re fihletse monna enwa e le lefu, o ferekanya Bajuda bohle ba ahileng lefatsheng lohle: ke hlooho ya thuto e kgelohileng ya Banasaretha.