Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 30:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mme jwale, ke sesomo ho ba banyenyane ho nna, bao nka beng ke nyatsitse ho bea bontata bona hara dintja tsa mehlape ya ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “Ba banyenyane ho nna jwale ba a ntshoma, bao bo-ntata bona ke neng ke ba nyedisa, ke neng nke ke ka ba disisa mohlape le ntja tsa ka.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 30:1
17 Referencias Cruzadas  

Yaba o tloha teng, a ya Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswa hae, ba mo soma, ba re ho yena: Lefatla towe, nyoloha! lefatla towe, nyoloha!


Ke fetohile sesomo ho metswalle ya ka, ha ke kopa thuso ho Modimo; e, ke sesomo ke le ya lokileng, ya se nang molato.


Efela ke ne ke tla etsang ka matla a matsoho a bona? Ke ba shwetsweng ke matla;


Baikakasi ba tsheha ka nna haholoholo, empa ha ke kgelohe molao wa hao.


Ke entswe sesomo sa ba dutseng kgorong, matahwa a mpina ka dipina.


Mme batho ba tla jana, e mong le e mong a jewe ke wa habo; mohlankana o tla tsohela motho ya hodileng matla, le ya nyatsehang a tsohele ya hlomphehang matla.


Yaba ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ba mo kwahela mahlo, ba mo jabela, ba re ho yena: Porofeta! Mme bahlanka ba mo otla ka dithupa.


a re ho bona: Le tlisitse motho enwa ho nna, la re, o kgelosa setjhaba; bonang, nna ke mmotsisitse le le teng, mme ha ke a ka ka fihlela molato leha o le mong ho motho enwa, wa ditaba tseo le mo qosang ka tsona.


Yaba bongata bo howa kaofela, ba re: Tlosa enwa, o re lokollele Barabase.


Batho ba ne ba eme ba tadimile; babusi le bona ba ne ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; ha a ipholose le yena, haele yena Kreste, mokgethwa wa Modimo!


Se seng sa disenyi tse thakgisitsweng se ne se mo soma le sona, se re: Ekare haele wena Kreste, o ipholose, le rona o re pholose.


Empa Bajuda ba sa dumelang ba eba mona, mme ba tla le banna ba bang ba bolotsana, ba thotsweng mapatlelong, ba iketsa sehlopha, ba ferekanya motse; ba patela ntlo ya Jasone, mme ba batla Pauluse le Silase, ho ba isa pela setjhaba.


E mong wa habo bona, e bileng moporofeta wa bona, o itse: Bakreta ke mahata kamehla, ke diphoofolo tse mpe, ke dimpa tse botswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos