Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 30:1 - BIBELE

1 “Ba banyenyane ho nna jwale ba a ntshoma, bao bo-ntata bona ke neng ke ba nyedisa, ke neng nke ke ka ba disisa mohlape le ntja tsa ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mme jwale, ke sesomo ho ba banyenyane ho nna, bao nka beng ke nyatsitse ho bea bontata bona hara dintja tsa mehlape ya ka.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 30:1
17 Referencias Cruzadas  

Ho tloha moo Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswang motseng ba mo soma, ba re ho yena: “Nyoloha, ralefatla towe! Nyoloha, ralefatla towe!”


Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.


Matla a bona a na sa nthuse ka letho, kaha bokwakwariri bo ne bo ba feletse.


Baikgohomosi ba ntlaka haholo, empa ha ke furalle Molao wa hao.


Ha ke apara tse mahwashe, eba ke fetoha pale ho bona.


Batho bohle ba tla hatellana, motho ka mong a hatelle e mong, ba ahisaneng le bona ba hatellane. Batjha ba tla tsohela baholo ba bona matla, ba eisehang ba tsohele batlotlehi matla.


Ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ho mo kgurumetsa sefahleho, ho mo otla ka ditebele, ba re ho yena: “Porofeta!” Le bona balebedi ba ne ba mo jabela.


a re ho bona: “Le tlisitse monna enwa ho nna e le ya kgelosang batho, empa bonang, nna, ha ke mmotsisisa moo le leng teng, ha ke a fumana molato ho yena ka tseo le mo qosang ka tsona.


Empa bohle ba howa hammoho, ba re: “Bolaya enwa, o re lokollele Barabase!”


Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!”


Se seng sa disenyi tse fanyehilweng se ne se mo nyefola, se re: “Na ha o Kreste na? Ipholose, le rona o re pholose!”


Empa Bajuda ba eba mona, ba phutha banna ba bang ba kgopo, ba lebaleng la motse, ba ya le bona, ba tsosa moferefere motseng; ba futuhela ntlo ya Jasone, ba batla Paulosi le Silase ho ba tlisa kapela pitso ya setjhaba.


E mong wa bona, eo e leng moporofeta wa bona, o ile a re: “Bakerete ke mahata kamehla, ke dibatana tse kgopo, ke menyollo e botswa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos