Bona, ba tla rohaka, empa wena, o tla hlohonolofatsa; ha ba tsoha, ba tla tsieleha, mohlanka wa hao a ithabele.
Nehemia 13:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) kahobane ba ne ba sa ka ba ya kgahlanyetsa bana ba Iseraele ka bohobe le metsi, ba mpa ba lefa Balaame hore a ba rohake. Feela, Modimo wa rona ke wona o kileng wa fetola thohako hlohonolofatso. BIBELE hobane ha ba a ka ba phallela Baiseraele ka dijo le ka metsi, empa ba ile ba hira Bileame hore a ba rohake. Leha ho le jwalo, Modimo wa rona a fetola thohako eo hore e be lehlohonolo. |
Bona, ba tla rohaka, empa wena, o tla hlohonolofatsa; ha ba tsoha, ba tla tsieleha, mohlanka wa hao a ithabele.
Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.
Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.
Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Jehova; esita le ditlohotloholwana tsa bona tsa leloko la leshome di ke ke tsa kena phuthehong ya Jehova, le ka mohla o le mong;
kahobane ha ba ka ba tla le kgahlanyetsa tseleng ka bohobe le ka metsi, mohla le tswang Egepeta; le kahobane ba ne ba putse Balaame, mora Peore, wa Pethore naheng ya Mesopotamia, hore a o rohake.
Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa hao, ha a ka a dumela ho utlwa Balaame, empa Jehova, Modimo wa hao, thohako eo o o fetoletse yona hlohonolofatso, kahobane Jehova, Modimo wa hao, o a o rata.
Ba kgelohile tsela e lokileng, ba lahlehile, ba ile ka tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo.